Jwalokaha Morena a ne a ile a bolela, Nebukadenesare a hahara matlotlo wohle a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A pshatla dintho tsohle tsa kgauta, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di etseditse Tempele ya Morena.
Jeremia 27:16 - BIBELE Le ho baprista le setjhaba sohle ka bua, ka re: “Morena o re: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona, ba le porofetelang, ba re: ‘Bonang, haufinyane thepa ya Tempele ya Morena e tla kgutliswa Babilona,’ hobane ba le porofetela leshano. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka bolella le baprista le setjhaba sena kaofela, ka re: Ho itswe ke Jehova: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona ba ntseng ba le porofetela, ba re: Bonang, mafiso a ntlo ya Jehova a sa ya kgutliswa Babilona kapele; athe ba le porofetela leshano. |
Jwalokaha Morena a ne a ile a bolela, Nebukadenesare a hahara matlotlo wohle a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A pshatla dintho tsohle tsa kgauta, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di etseditse Tempele ya Morena.
Ba le porofetela leshano, hore le tle le iswe hole le naha ya lona, nna ke tle ke le leleke, ebe le a timela.
Ka baka leo, le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba reng ho lona: ‘Le ke ke la sebeletsa kgosi ya Babilona,’ hobane ba le porofetela leshano.
Ho eso fete dilemo tse pedi, thepa yohle ya Tempele ya Morena, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e nke mona, a e isa Babilona, ke tla e kgutlisetsa hape sebakeng sena.
Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae.