Mehleng ya Josiya, Faro Neko, kgosi ya Egepeta, a nyolohela nokeng ya Euferatese ho ya thusa kgosi ya Asiria. Yaba kgosi Josiya o a mo kgaoletsa. Ba kopana Megido, mme Josiya a bolaelwa hona moo.
Jeremia 22:12 - BIBELE O tla shwela naheng eo a thopetsweng ho yona, mme a ke ke a hlola a bona naha ena hape.” Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane o tla shwela nqalong eo ba mo nketseng teng kgolehong, ha a sa tla boela a bone lefatshe lena. |
Mehleng ya Josiya, Faro Neko, kgosi ya Egepeta, a nyolohela nokeng ya Euferatese ho ya thusa kgosi ya Asiria. Yaba kgosi Josiya o a mo kgaoletsa. Ba kopana Megido, mme Josiya a bolaelwa hona moo.
Faro Neko a bea Eliakime, mora wa Josiya, hore a hlahlame ntatae. A mo rea lebitso la Jehoyakime. A isa Jehowakase naheng ya Egepeta, moo a ileng a shwela teng.
Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda: “Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, ngwaneso! Jo nna, kgaitsedi ya ka!’ Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, monga ka! Jo nna, tlotla ya hae!’
Empa ha e le naha eo le labalabelang ho kgutlela ho yona, yona le ke ke la kgutlela ho yona.”
“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.’