Jeremia 21:8 - BIBELE “O tle o re ho setjhaba sena: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona, ke re le ikgethele hore na le nka tsela e isang bophelong kapa le nka tsela e isang lefung. Sesotho 1909/1961 (SO) O tle o bolelle setjhaba sena, o re: Ho itswe ke Jehova: Bonang, ke bea tsela ya bophelo le tsela ya lefu pontsheng ya lona. |
Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela.
“Bonang, kajeno ke beile kapele ho lona bophelo, le lehlohonolo, le lefu le bomadimabe.
“Kajeno lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa ka tsa hore ke beile kapele ho lona bophelo le lefu, tlhohonolofatso le thohako; ka baka leo, ikgetheleng bophelo, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le phele.