Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele.
Jeremia 20:1 - BIBELE Ha Pashahure, mora wa moprista Imere, eo e neng e bile e le mookamedi wa Tempele ya Morena, a utlwa hore Jeremia o porofeta dintho tsena, Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Pashkure, mora Immere, moprista le mohlahlobi e moholo wa ntlo ya Jehova, o utlwa Jeremia ha a porofeta ditaba tseo. |
Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele.
la leshome le metso e mehlano la ntsha Bilega, la leshome le metso e tsheletseng la ntsha Imere,
le Asariya, mora wa Hilekiya, eo baholoholo ba hae e neng e le bo-Meshulame, le Sadoke, le Meraote, le Ahitube, eo e neng e le mookamedi wa Tempele ya Modimo,
Mahosana a hae a ntsha nyehelo ya boithaopo, e le ya setjhaba le ya baprista, le ya Balevi. Baokamedi ba Tempele ya Modimo, e leng Hilekiya, le Sekariya, le Jehiele, ba nea baprista dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng, le dipohwana tse makgolo a mararo.
Ha e le wena Pashahure, le bohle ba phelang tlung ya hao, le tla thopuwa, le iswe Babilona. O tla shwela teng, mme o epelwe teng, wena le metswalle yohle ya hao eo o e porofetetseng leshano.’ ”
Morena o o entse moprista bakeng sa moprista Jehoyada, hore o be molebedi wa Tempele ya Morena, e le hore motho e mong le e mong ya itlhantshang ka ho iketsa moporofeta, o mo kenye tjhankaneng, o mo tlame ka mahlaahlela maotong le molaleng.
Yaba babusi ba halefela Jeremia haholo, ba a mo shapa, ba mo kenya tjhankaneng, ka tlung ya Jonathane, eo e neng e le mongodi wa puso, e leng ntlo eo ba neng ba e fetotse tjhankana.
Ha Petrose le Johanne ba sa ntse ba buisana le batho, baprista, le molaodi wa Tempele, le Basaduke, ba fihla ho bona.
Ha molaodi wa Tempele, le baprista ba baholo ba utlwa mantswe ana, ba ipotsa hore na ntho ena ya baapostola e tla fella kae.