Jeremia 2:23 - BIBELE “O ka bua jwang, wa re: ‘Ha ke a silafala; ha ke a ka ka petlapetla kamora bo-Baale?’ Hlahloba boitshwaro ba hao ba ka kgohlong, o nahane seo o ileng wa se etsa! O tshwana le kamele e palesitse, e parakanya, e kgaohanya tsela tsa yona; Sesotho 1909/1961 (SO) O ka bolela jwang, wa re: Ha ke a ka ka itshilifatsa, ha ke a ka ka latela boBaale? Shadima tsela ya hao phuleng, o tle o itsebele seo o se entseng, wena sethole se lebelo sa kamele se mathang mane le mane! |
Ya kgopo o laolwa ke sebe, sebe se botebong ba pelo ya hae; ho tshaba Modimo ha ho yo ho yena.
Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao.
Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.
“Mokgwa wa mosadi wa sefebe, ke mokgwa o tjena: O a ja, ebe o a itlhakola, o re: ‘Nna ha ke a etsa letho le kgopo.’
Morena o bua tjena ka setjhaba sa hae: “Se rata ho lelera haholo, se sitwa ho thibela maoto a sona. Kahoo Morena ha a se amohele, jwale o tla hopola bokgopo ba sona, a se otle ka baka la dibe tsa sona.”
“Etlare ha o bolella setjhaba sena dintho tsena tsohle, se o botse, se re: ‘Ke hobaneng ha Morena a re reretse koduwa e kgolo hakaale? Re entse bokgopo bofe? Sebe seo re sitetsweng Morena Modimo wa rona ka sona, ke sefe?’
O lelera hakaale ka baka lang, o tsamaya o kgeloha tsela tsa hao? O tla hlabiswa dihlong ke Egepeta, jwalokaha Asiria e o hlabisitse dihlong.
“Phahamisa mahlo o tadime maralleng; ke kae moo o sa kang wa etsa bootswa teng? O ila emela banna kathoko ho tsela, wa ba lalla sa Moarabia lehwatateng. O silafaditse naha ka bootswa ba hao, wa e silafatsa le ka bokgopo ba hao.
O tla phaila ho le hokae, wena moradi ya hlokang botshepehi? Morena o etseditse lefatshe ntho e ntjha: Mosadi o tla sireletsa monna!”
Ka Kgohlong ya Mora wa Hinome ba hahile aletare e bitswang Tofete, moo ba tjhesetsang bara ba bona le baradi ba bona teng ka mollo, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, le ho se nahana ke eso se nahane.
Ba latetse ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, ba rapela bo-Baale bao ba ba rutilweng ke bo-ntata bona.”
Ha Morena a qala ho bua le Hosea a na a re ho yena: “Tsamaya, o yo nyala, o nyale mosadi wa seotswa, o inkele le bana, bana ba bootswa ba hae, hobane lefatshe le furaletse Morena, la mo furalla ka ho hloka botshepehi.”
Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.