Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a hwasa, o nyolla maru pheletsong tsa lefatshe, ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele difefo, di tswe moo di kwaletsweng.
Jeremia 19:12 - BIBELE Sena ke tla se etsa sebakeng sena le ho baahi ba sona, ho rialo Morena. Motse ona ke tla o etsa hore o be jwaloka Tofete. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tla etsa nqalo ena jwalo le baahi ba teng, ho bolela Jehova, motse ona ke o etse o tshwanang le Tofethe. |
Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a hwasa, o nyolla maru pheletsong tsa lefatshe, ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele difefo, di tswe moo di kwaletsweng.
Ke tla phetha kano eo ke neng ke e etsetse bo-ntata lona, ya hore ke tla ba nea naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, e leng naha ena eo e leng ya lona kajeno.” Nna ka araba, ka re: “A ho be jwalo, Morena!”
mme o re ho bona: ‘Morena wa mabotho o bua tjena: Ke tla pshatlaka setjhaba sena le motse ona jwalokaha motho a pshatlaka nkgo hoo e ke keng ya hlola e lokiswa. Ba tla epela bafu ba bona Tofete hobane ho tla be ho se na sebaka se seng seo ba ka ba epelang ho sona.
Matlo a Jerusalema le matlo a dikgosi tsa Juda a tla silafatswa jwaloka sebaka sa Tofete, ka baka la matlo wohle ao ba ileng ba hlwella hodima wona, ba tjhesetsa mokubetso hodima marulelo a wona, ba o tjhesetsa dinaledi, mme ba qhatsetsa medimo esele nyehelo ya dino.’ ”