“Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae, yena e leng lengetana hara mangetana! Na letsopa le ka re ho sebopi sa lona: ‘O etsang?’ Na mosebetsi wa hao o ka re: ‘Ha o na tsebo’?
Jeremia 18:4 - BIBELE Nkgo eo sebopi se neng se e bopa ka letsopa ya senyeha se ntse se e bopa, yaba se boela se qala ho bopa e nngwe e tla se kgotsofatsa. Sesotho 1909/1961 (SO) Pitsa eo a neng a e etsa ka letsopa ya senyeha matsohong a mmopi; a boela a qala, a etsa pitsa e ntjha kamoo mmopi a ratileng ho etsa kateng. |
“Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae, yena e leng lengetana hara mangetana! Na letsopa le ka re ho sebopi sa lona: ‘O etsang?’ Na mosebetsi wa hao o ka re: ‘Ha o na tsebo’?
Yaba ke theohela tlung ya sebopi sa dinkgo, mme ka fumana se ntse se rita dinkgo ka lebidi la sona.
“Na ke hore wena, ntlo ya Iseraele, nke ke ka o etsa jwalokaha sebopi se etsa ka letsopa la sona?” ho rialo Morena. “Seo letsopa le leng sona matsohong a sebopi, ke seo wena ntlo ya Iseraele, o leng sona matsohong a ka.