metso ya ka e name ho ya fihla metsing, phoka e lale makaleng a ka, e lale bosiu bohle,
Jeremia 17:8 - BIBELE O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.” Sesotho 1909/1961 (SO) O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utlwe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala; le selemong sa letsatsi ha se tshabe letho, ha se lese ho beha ditholwana. |
metso ya ka e name ho ya fihla metsing, phoka e lale makaleng a ka, e lale bosiu bohle,
O ka fate se tlokomang ha tsatsi le tjhabile, seo makala a sona a thathallang le tshimo yohle.
Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.
Morena o tla o tataisa kamehla, a o fe tseo o di hlokang leha naha e omeletse, a matlafatse ditho tsa mmele wa hao. O tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, o ke sediba seo mohlodi wa sona o sa psheng.
ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.
Ruri ke tla o pholosa, o ke ke wa bolawa ka sabole. O tla pholoha, hobane o ntshepile, ho rialo Morena.’ ”
Bona Asiria eo e ne e le kedare ya Lebanone, e makala a matle, a thathaletseng; e ne e phahame haholo, e fihla marung, e tswile ka mahetla hara mahlaku a teteaneng.
Difate tsa mefuta yohle tsa ditholwana di tla mela mabopong a noka. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, di tla beha ditholwana kamehla. Di tla beha ka kgwedi e nngwe le e nngwe, hobane di nwesetswa ke metsi a tswang Sehalalelong. Ditholwana tsa tsona di tla jewa, mahlaku a tsona a phekole.”