ke tla falatsa Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona. Ntlo ena, eo ke e halaleditseng ho tlotla lebitso la ka, ke tla e furalla, mme Baiseraele e tla ba sesomo le pale hara ditjhaba tsohle.
Jeremia 17:4 - BIBELE Ka baka la phoso tsa lona le tla lahlehelwa, le lahlehelwe ke lefa ke le file lona. Ke tla le etsa makgoba a dira tsa lona, ke le etse makgoba naheng eo le sa e tsebeng, hobane le entse hore kgalefo ya ka e tuke, e laime malakabe kamehla yohle.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ka molato wa hao o tla senyehelwa ke lefa leo ke neng ke o neile lona; ke tla o etsa mofo wa bao e leng dira ho wena, lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane le tukisitse mollo wa kgalefo ya ka, o ya nne o tjhese ka ho sa feleng. |
ke tla falatsa Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona. Ntlo ena, eo ke e halaleditseng ho tlotla lebitso la ka, ke tla e furalla, mme Baiseraele e tla ba sesomo le pale hara ditjhaba tsohle.
Kgosi ya Babilona ya ba kgakgatha, ya ba bolaela hona moo Ribela, naheng ya Hamate. Yaba ka mokgwa o jwalo Bajuda ba ntshwa naheng ya bona.
Ha ba se ba phomotse ba etsa bokgopo mahlong a hao, wa ba tlohella dira tsa bona tsa ba busa; ba boela ba kgutlela ho wena, ba ipiletsa, wena wa ba utlwa o le hodimong la hao, ka makgetlo wa ba lopolla, ho ya ka mehauhelo ya hao.
Kgale setjhesetso se lokiseditswe kgosi, se batsi, se bile se tebile; jwang le dihotetso di entse pokella, ho phefumoloha ha Morena ho kang nokana ya sebabole, ho tla se hotetsa se laime malakabe.
Ka baka leo, kgalefo ya Morena e tlokomela tjhaba sa hae, o phahamisitse tsoho la hae, o a ba otla, thaba di a reketla, topo tsa bona eka matlakala hara seterata. Leha ho le jwalo, kgalefo ya hae ha e kgaotse, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.
Lona bohle ba besang mollo, le potapotwe ke ditlhase tsa wona, tsamayang leseding la mollo oo wa lona, hara tlhase tsa mollo o besitsweng ke lona. Seo le tla se amohela tsohong la ka, ke sena: Le tla paqama fatshe hara ditlokotsi.
Ba tla tsamaya, ba yo bona ditopo, topo tsa ba ileng ba ntshitelwa; boko tse ba jang ha di ka ke tsa eshwa, mollo o ba tjhesang ha o ka ke wa tima, mme batho bohle ba tla ba nyonya.”
“Ke furaletse ntlo ya ka, ka siya lefa la ka, moratuwa ka neelana ka yena, matsohong a dira tsa hae.
Ke tla o etsa lekgoba, kgoba la dira tsa hao, ke o etse lekgoba naheng eo o sa e tsebeng. Kgalefo ya ka e tla hotetsa mollo, e hotetse mollo o tla o tjhesa.”
Ka baka leo, ke tla le phahla naheng ena, ke le ise naheng eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba. Naheng eo, bosiu le motsheare, le tla sebeletsa medimo esele, hobane nke ke ka le hauhela.’ ”
Wena Morena, o tseba merero ya bona yohle, merero ya bona ya ho mpolaya. Se ka ba tshwarela bokgopo ba bona, kapa wa tlosa sebe sa bona mahlong a hao; a ba ke ba ketolwe kapele ho wena, o ba otle nakong ena eo o ba halefetseng ka yona.
“Na Iseraele ke mohlanka ya tswetsweng e le lekgoba? Ho ya kang ha a sa fetohile lelobelo?
Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena: “ ‘Ahlolelang batho ka toka hoseng ha letsatsi ka leng, namolelang motlatlapuwa matsohong a motlatlapi, esere kgalefo ya ka ya laima malakabe, ya tuka hoo ho seng ya ka ba e tima, ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona.
Na Koniya hase nkgwana e nyatsehang, e matlere? Na hase sejana seo ho seng ya se thabelang? Ke hobaneng ha yena le bana ba hae ba lelekilwe, ba leleketswe naheng eo ba sa e tsebeng?
Etlare ha batho ba botsa, ba re: ‘Ke ka baka lang ha Morena Modimo wa rona, a entse tsee tsohle ho rona?’ Wena o tla ba bolella hore Modimo o re: ‘Kaha le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele mona naheng ya lona, kahoo le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.’ ”
Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?
“Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla theolela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima sebaka sena, hodima batho le diphoofolo, hodima difate tsa naha le hodima tse behwang ke naha. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme e ke ke ya tingwa.’
“Lona bohle, bo-mofeta-ka-tsela, na hoo ha ho re letho ho lona? Qamakang kahohle le ke le bone: Na matshwenyeho a tshwanang le a ka a teng, matshwenyeho ao ke otlilweng ka wona, ao Morena a a theoletseng hodima ka, mohla tsatsi la kgalefo e tlokomang ya hae?
Ke tla hlatsa kgalefo ya ka, ke e hlatsetse hodima hao, bohale ba ka bo tuke malakabe, ke neelane ka wena ho ba sehloho, bao e leng ditsebi tsa ho timetsa.
Ke tla tlisa bahedene ba tala, mme bona ba hape matlo a Baiseraele. Ke tla fedisa boikgohomoso ba dinatla tsa Baiseraele, dibaka tsa bona tse halalelang di silafatswe.
“Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.