Jeremia 15:11 - BIBELE Yaba Morena o re: “Ruri wena ke tla o matlafatsa haholo, ruri dira tsa hao di tla be di o rapele, di o rapele nakong ya mahlonoko, di o rapele le nakong ya ditsietsi. Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova o re: Kannete ke tla o hlahisetsa molemo, ke tla etsa hore sera se tle se o rapele tsatsing la tsietsi le tsatsing la tlokotsi! |
Leha moetsadibe a ka etsa bokgopo halekgolo, yaba o phela halele, feela ke tseba hantle hore ba tshabang Modimo, ba mo hlomphang, ke bona ba tla phela hamonate.
O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.
“Re a o kopa: Ako re buelle ho Morena, hobane Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o a re futuhela. Mohlomong Morena o tla re etsetsa mohlolo jwalokaha a ne a etse ka nako e fetileng, mme eo a se ke a hlola a re futuhela.”
Yaba kgosi Sedekiya o laela hore Jeremia a ntshwe ka tjhankaneng, a tliswe tlung ya bokgosi, mme a mmotsa ka lekunutu, a re: “Na o na le molaetsa o tswang ho Morena?” Jeremia a araba, a re: “E, o teng. Morena o itse ho tla neelanwa ka wena matsohong a kgosi ya Babilona.”
Kgosi Sedekiya a roma Jukale, mora wa Shelemiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya, ho moporofeta Jeremia, a re: “Ako re rapelle ho Morena Modimo wa rona hle!”
Kgosi Sedekiya, a eme monyakong wa boraro wa ntlo ya kgosi, a laela hore a bitsetswe Jeremia. Kgosi ya re ho Jeremia: “Ho na le seo ke ratang ho o botsa sona; o mpolelle tsohle, o sa mpatele letho.”
ba re ho moporofeta Jeremia: “Re a o kopa: Ako mamele thapedi ya rona o re rapelle ho Morena Modimo wa rona, o rapelle le masalla ana wohle, hobane jwalokaha o bona, re se re setse re se bakae, ha pele re ne re le bangata.