Le moo Egepeta, o tla kgutla, o kgutle teng matsoho o a beile hloohong, hoba Morena o furaletse bao o ba tshepang, mme ba ke ke ba o fumantsha katleho.”
Jeremia 14:4 - BIBELE Naha e omeletse hobane pula ha e yo, balemi le bona pelo tsa bona di nyahame, matsoho ba a beile hodima dihlooho. Sesotho 1909/1961 (SO) Balemi ba hlabiswa dihlong, ba ikgurumeditse dihlooho, hobane naha e maketse, ke hobane pula e sa ne lefatsheng. |
Le moo Egepeta, o tla kgutla, o kgutle teng matsoho o a beile hloohong, hoba Morena o furaletse bao o ba tshepang, mme ba ke ke ba o fumantsha katleho.”
Kahoo mafafatsane a ile a thibelwa, pula ya hwetla le yona ya se ke ya na; empa wa tiisa phatla jwaloka seotswa, wa ngangella, dihlong tsa se ke tsa o hlaba.
Lona balemi, nyahamang dipelo! Lona ba lemang morara, bokollang! Bokollelang koro, le bokollele harese, hoba kotulo e senyehetse masimong.
Peo e bolelletse katlasa makwete, mediko e senyehile, disiu di tabohile, hobane mabele le wona a phutsitse.
“ ‘Haeba, le ka lebaka la dintho tsena, le ntse le sa mmamele, ke tla le otlela dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.
Baahi ba metse e mmedi, e meraro, ba phaila, ba ya motseng o le mong, ba phaila jwalo ba ilo nwa metsi; ba a nwa, empa ba se ke be ba kgolwa; leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.
Mobu o tla fetoha sebabole le letswai, naha yohle e be letswatlare le tjheleng, le sa jalwang, le sa beheng, le se nang jwang, jwalokaha ho ne ho timetswa Sodoma le Gomora, le Adema le Seboime, tseo Morena a neng a di timetse ha a halefile, a le bohalehale.