Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta.
Jeremia 12:9 - BIBELE Lefa la ka le tshwana le nonyana, nonyana e kgwarahlana, e ubellwang ke nonyana tse ding kamahohle. Tsamayang le yo phutha batana tsohle tsa naha, le di phuthe di tle moketeng. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho nna lefa la ka ke lenong, ke phiri; manong a le teetse hare. Tloong, le bolelle dibatana kaofela tsa naha, di tle dijong. |
Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta.
Moikakasi o tla kokobetswa, baikgohomosi bona ba nyenyefatswe, mohlang oo ke Morena feela, ya tla phahamela tsohle.
Tsatsi le teng le beilweng ke Morena wa mabotho, le beetsweng baikgantshi le baikgohomosi, le bohle ba ikakasang, hore a tla ba kokobetse;
“Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.
Tawana di a puruma, di a mo kgobolaka, naha ya hae di e fetotse nanaola, metse ya hae ke masupi, ha e na baahi.
Ruri ke tla neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha.
Ditopo tsa setjhaba sena di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha, mme ha ho ya tla di leleka.
Sione e phakaladitse matsoho a yona, empa ya ka e tshedisang yena ha a yo. Malebana le Jakobo, Morena o entse taelo: Dira tsa hae di mo etsetse sakana-la-nkope. Jerusalema e fetohile manyala, Jerusalema e silafetse.
Dinaka tse leshome tseo o di boneng hodima sebatana, le sona sebatana, di tla hloya seotswa, di se amohe tsohle, di se hlobodise. Di tla ja nama ya sona, di se tjhese mollong.