Jakobo 5:8 - BIBELE Le lona le mamelle, le tiye dipelo, hobane ho kgutla ha Morena ho haufi. Sesotho 1909/1961 (SO) Le lona, lebellang ka sebete, mme le tiise dipelo tsa lona; hobane ho tla ha Morena ho haufi. Baasraak Sotho NT Ebang le mamello le lona; tiisang dipelo tsa lona, hobane ho tla ha Morena ho atametse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ebang le mamello le lona; tiisang dipelo tsa lona, hobane ho tla ha Morena ho atametse. |
Kgoba matshwafo, o lebelle Morena; o se ke wa itlhonamisa ka eo tsohle di mo atlang, e leng ya phethang merero e kgopo.
Nako e fihlile, letsatsi le atametse; moreki a se ke a thaba, kapa morekisi a lla, hobane setjhaba sohle se fihletswe ke kgalefo.
Empa nna ke tla lebella Morena, ke lebelle Modimo, Mopholosi wa ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa.
Pono ena e sa emetse nako ya yona, e haufi e phethahala, mme e ke ke ya thetsa. Leha e ka dieha, wena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ya dieha.
Jesu a re ho yena: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng? Wena, ntatele!”
mme le lebelle Mora wa hae ya tla tswa lehodimong, Jesu eo a mo tsositeseng bafung, yena ya tla re phemisa kgalefo e tlang.
Ana ha re ema kapele ho Morena wa rona Jesu, mohla a tlang, tshepo ya rona, thabo ya rona, moqhaka oo re leng motlotlo ka wona, e tla ba ofe, haese lona?
Ka mokgwa ona a ke a matlafatse dipelo tsa lona, e tle ere mohla Morena wa rona Jesu a tlang le bahalaledi ba hae bohle, le halalele, le se ke la nyatseha mahlong a Modimo, Ntata rona.
Morena a ke a sokollele dipelo tsa lona leratong la Modimo le tiisetsong e kang ya Kreste.
Kgauta le silefera tsa lona di mafoome, mme mafoome a tsona e tla ba bopaki bo le ahlolang, a le je dinama jwaloka mollo. Le ipokelletse matlotlo mehleng ena ya bofelo.
Bana beso, e mong a se ke a lla ka e mong, hore le tle le se ke la ahlolwa. Moahlodi ke eo o se a le monyako.