Jakobo 5:6 - BIBELE Le ahlotse ya lokileng, le mmolaile, mme ha a a ka a itwanela. Sesotho 1909/1961 (SO) Le tswile, mme le bolaile ya lokileng, mme ha a ka a itwanela. Baasraak Sotho NT Le ahlotse, mme le bolaile ya lokileng; mme ha a le hanyetse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le ahlotse, mme le bolaile ya lokileng; mme ha a le hanyetse. |
O ila tlatlapuwa, a ikokobetsa ha a hlokofatswa, empa ha ho letho leo a ila le bua; a qhojwa sa konyana ha e iswa tlhabong, mme jwalokaha nku e sa lle ha e kutwa, le yena ha ho letho leo a ila le bua.
“Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!’
Empa baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa letshwele hore le kope Barabase, Jesu yena a bolawe.
Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi;
“A re: ‘Modimo wa bo-ntata rona o o kgethile hore o tsebe thato ya hae, o bone Ya Lokileng, mme o utlwe lentswe le tswang molomong wa hae,
Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bo-ntata lona? Ba bolaile ba neng ba bolele pele ho tla ha Ya Lokileng, eo le lona le bileng baeki le babolai ba hae;
Temana ya Mangolo eo a neng a e bala e ne e le ena: “O ila iswa moo a ilo hlabelwa teng, mme jwaloka konyana e kgutsitseng, e kgutsitseng pela mokuti wa yona, le yena ha ho letho leo a ila le bua.
Empa lona le hlompholotse mofutsana. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng?
Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo.