Jakobo 4:16 - BIBELE jwale le a ikakasa, mme le a ithorisa. Boithoriso bohle bo jwalo bo bobe. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, le ithabela meithorisong ya lona; ho ithorisa hohle ho jwalo ho hobe. Baasraak Sotho NT Empa jwale le ithorisa ka boithoriso ba lona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa jwale le ithorisa ka boithoriso ba lona; |
Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.
“O ile wa thepa bokgopo ba hao, wa ba wa re: ‘Ha ho ya mponang!’ Wa kgeloswa ke bohlale le tsebo ya hao, ka pelong ya hao wa ithetsa, wa re: ‘Ho re nna feela, ha ho pohopedi ntle ho nna!’
Boithoriso ba lona ha bo a loka. Na ha le tsebe hore tomoso e seng kae e lomosa hlama kaofela?
Empa haeba ka dipelong tsa lona le na le lefufa le lebe le moya wa dikgang, le se ke la ithorisa, la senya nnete ka ho bua leshano.
hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.
Le e nee tlhokofatso le mahlomola a lekanang le boithoriso ba yona le boithabiso ba yona hobane ka pelong ya yona, e re: ‘Ke dutse teroneng ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme ha nka ke ka tseba mahlomola.’