Jakobo 3:8 - BIBELE empa ha e le leleme, ha ho motho le ya mong ya ka tsebang ho le thapisa. Le kgopo hoo le ke keng la laolwa, le tletse mahloko a bolayang. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele leleme, tjhe, lona ha ho motho ya tsebang ho le thapisa; ke bobe bo sa hlolweng; le tletse mahloko a bolayang. Baasraak Sotho NT Empa leleme ha ho motho ya ka le thapisang; ke bobe bo sa laoleheng, bo tletse chefo e bolaeang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa leleme ha ho motho ya ka le thapisang; ke bobe bo sa laoleheng, bo tletse chefo e bolaeang. |
A le mahodimong, a ke a nthusetse; a ferekanye ya nkgatakelang. Modimo a ntshitse ka mohau wa hae, a mpontshe botshepehi ba hae.
Ba kgopo ba senyehile ho tloha popelong, ba leshano ba kgelohile ho tloha tswalong ya bona.
Mmetso ya bona ke lebitla le ahlamileng, ba bolela leshano ka maleme a bona, mahloko a marabe a tswa melomong ya bona,
Leleme le lona ke mollo. Hara ditho tsa rona, le ka lefatshe la bokgopo, hoo le silafatsang botho bohle ba rona, le hotetse bophelo bohle ba rona; le hoteditswe ka mollo wa dihele.
Mefuta yohle ya dibatana, ya dinonyana, ya dihahabi, le ya tse lewatleng, tsohle di ka thapiswa, ebile di thapisitswe ke bohlale ba motho,
Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.