La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jakobo 2:21 - BIBELE

Na ntata rona Aborahama ha a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a nyehelang ka mora wa hae Isaka aletareng?

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Na Abrahama, ntata rona, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a hlahisang mora wa hae, Isaaka, hodima aletare na?

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Na Abrahama, ntata rona, ha a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a hlahisang mora wa hae Isaaka aletareng?

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Na Abrahama, ntata rona, ha a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a hlahisang mora wa hae Isaaka aletareng?

Ver Capítulo



Jakobo 2:21
21 Referencias Cruzadas  

O se ke wa qosa mohlanka wa hao, hobane ho wena ha ho ya lokileng.


Tadimang ho ntata lona, ntata lona Aborahama, le tadime le ho Sara ya le belehileng. Ha ke bitsa Aborahama o ne a se na ngwana, ka mo hlohonolofatsa, ka ba ka mo anafatsa.


hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, kapa o tla ahlolwa ka dipolelo tsa hao.”


mme le se ke la nahana, la re: ‘Ntata rona ke Aborahama,’ hobane ke a le bolella hore Modimo o na le matla a ho hlahisetsa Aborahama bana ka majwe ana.


e leng kano eo a neng a e hlapanyetse ntata rona Aborahama, ya hore re newe


Yena a howa, a re: ‘Ntate Aborahama, ako nkutlwele bohloko! Roma Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a phodise leleme la ka, hobane mollo ona o tjhesa habohloko!’


“A mpa a re: ‘Wee, ntate Aborahama, ha e mong ya tswang bafung a ka ya ho bona, ba tla baka.’


Ba mo araba, ba re: “Ntata rona ke Aborahama.” Jesu a re ho bona: “Hoja le bana ba Aborahama, le ka be le etsa diketso tsa Aborahama,


Na wena o moholo ho ntata rona Aborahama, ya shweleng? Le baporofeta ba shwele. O iketsa mang?”


Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane;


Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.


Jwale re tla botsa, re re: Na Aborahama, moholoholo wa rona, o iphumanetse eng ka boyena?


Hape ke ntata ba bolotseng, e seng feela hobane ba bolotse, empa e le hobane ba latela mehlala ya tumelo eo ntata rona Aborahama a bileng le yona a eso bolle.


Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,


Ka tumelo mohla Aborahama a lekwang, o ile a nyehela ka Isaka. A nyehela ka mora wa hae ya inotshi, leha a ne a etseditswe ditshepiso,


Empa e mong o tla re: “Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi.” Ako mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.


Kahoo le a bona hore motho o lokafatswa ka mesebetsi, e seng ka tumelo feela.


Ka nka ntata lona Aborahama mose wane wa Noka, ka mo tsamaisa hara naha yohle ya Kanana. Ka ngatafatsa bana ba hae, ka mo nea Isaka.