Jwale ba buisana tjena: “Ruri re molato ka baka la ngwanabo rona, eo leha re ne re bona mahlomola a moya wa hae ha a re rapela, re sa kang ra mamela; ke ka hona mahlomola ana a re hlahetseng.”
Jakobo 2:13 - BIBELE Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo. Baasraak Sotho NT Hobane ya sa kang a etsa mohau o tla ahlolwa ka ho hloka mohau; mme mohau o ipela ka kahlolo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ya sa kang a etsa mohau o tla ahlolwa ka ho hloka mohau; mme mohau o ipela ka kahlolo. |
Jwale ba buisana tjena: “Ruri re molato ka baka la ngwanabo rona, eo leha re ne re bona mahlomola a moya wa hae ha a re rapela, re sa kang ra mamela; ke ka hona mahlomola ana a re hlahetseng.”
Ka baka lena, mmameleng, mme le kgutlise bathopuwa bao le ba thopileng e le bana babo lona, hobane Morena o le halefetse.”
Ruri ho pholosa ha hae ho haufi le ba mo tshabang, e le hore tlotla ya hae e tle e ahe fatsheng la rona.
Ya tlatlapang mofutsana ho ikekeletsa leruo, a bile a etsetsa barui dimpho, o tla futsaneha.
Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.
empa ya ithorisang a ithorise ka ho re, yena o a nkutlwisisa, o bile o a ntseba; ke nna Morena ya tsebang ho hauhela, ya sebetsang ka toka le ka ho loka lefatsheng, hobane tsena ke tsona tse nthabisang,” ho rialo Morena.
Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’
Ke Modimo ofe ya tshwanang le wena? Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo tsa masalla a setjhaba sa hae? Wena o Modimo ya sa halefeleng ruri, wena o Modimo ya thabelang ho hauhela.
athe ha le sa tshwarele batho, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.”
“Empa Aborahama a re: ‘Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa.
“Se ahloleng ba bang, mme ha le ka ke la ahlolwa; le se tswe ba bang, mme ha le ka ke la tsuwa. Tshwarelang, mme le tla tshwarelwa;
Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.
Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.
Yaba Adoni-Beseke o re: “Dikgosi tse mashome a supileng, tseo ke neng ke di kgaole menwana e metona ya matsoho le ya maoto, di ne di ye di thonake makumane tlasa tafole ya ka. Jwalokaha le nna ke ile ka etsa, Modimo o nketsa jwalo.” Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela hona teng.
Sisera a wela fatshe maotong a hae, a wela fatshe, a tjapalla, a wela maotong a hae, a tjapalla, a shwela moo a wetseng teng.