Jakobo 1:26 - BIBELE Ha motho a nahana hore ke morapedi, feela a sa tshware leleme la hae, a ithetsa, borapedi boo ba hae ke ba lefeela. Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha e mong hara lona a lekanya hoba o na le borapedi, mme a sa tlame leleme la hae, a mpa a ithetsa pelo, borapedi ba motho eo ke ba lefeela. Baasraak Sotho NT Ekare ha e mong hara lona a ipona eka ke modumedi, mme a sa laole leleme la hae, a ithetsa, borapedi ba motho eo ke lefeela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha e mong hara lona a ipona eka ke modumedi, mme a sa laole leleme la hae, a ithetsa, borapedi ba motho eo ke lefeela. |
O se ke wa tshwana le pere kapa mmeile, tsona di hlokang kelello, di thapiswang ka tomo le marapo; ho seng jwalo o ke ke wa di laola.
Ya buang haholo sebe se teng polelong tsa hae, ya sa buabueng yena ke motho ya bohlale.
Kgaotsang ho ntlisetsa nyehelo tse se nang thuso; mekubetso ya lona ke manyala ho nna, mekete ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, le phutheho tse halalelang tseo le di memang, tsena ke bokgopo, nke ke ka di mamella.
Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?”
“Le itse: ‘Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo. Morena wa mabotho o re buseletsa ka eng ha re phetha ditaelo tsa hae, mme re inyatsa?
Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.”
Ho feta moo, haeba ke nnete hore ha ba tsohe, re pakela Modimo ka leshano, hobane re re o tsositse Kreste bafung, empa a sa mo tsosa.
oo le tla pholoswa ka wona, ha le o boloka kamoo ke le boleletseng wona kateng; ho seng jwalo tumelo ya lona ke ya lefeela.
Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.
Ha e le bao ba nang le mabitso, ho nna hono hase letho, hobane Modimo ha a ye ka tshobotsi, ha ba a ka ba nkekeletsa letho le letjha.
Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba tadingwa e le ditshiya, ba hlokomela mohau oo ke o neilweng, ba re tshwara ka matsoho, rona le Baranabase, ho supa hore re tla sebedisana: rona re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho Bajuda.
Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.
Ho se be dipolelo tse manyala, tsa bothoto, kapa tsa meswaso e mebe, e leng tse ronehang; ho mpe ho iswe diteboho ho Modimo.
Itlhokomeleng, esere dipelo tsa lona tsa thetseha, la kgeloha, la sebeletsa medimo e meng, mme la e kgumamela.
Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.
Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,
“Ya ratang ho phela, le ho bona matsatsi a thabo, a tshware leleme la hae ho bua tse mpe, le molomo wa hae ho bua thetso.