Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.
Jakobo 1:14 - BIBELE Empa e mong le e mong o lekwa ha a hulwa, mme a hohelwa ke ditakatso tsa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa motho e mong le e mong o ye a lekwe ke ho hohelwa le ke ho tjhatjhehiswa ke takatso eo e leng ya hae. Baasraak Sotho NT Empa e mong le e mong o a lekwa, ha a hulwa, mme a etswa ke takatso eo e leng ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa e mong le e mong o a lekwa, ha a hulwa, mme a etswa ke takatso eo e leng ya hae. |
Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.
Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.
Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.
Davida a romela maqosa ho ya mo lata. Mosadi eo a tla, mme Davida a robala le yena. Mosadi enwa o ne a sa tswa hlatswa lehatlelo la hae. Kamora moo, mosadi a kgutlela ha hae.
Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?”
Tsena ke tsona tse silafatsang motho, empa ho ja, motho a sa hlapa matsoho, ha ho mo silafatse.”
Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.
hobane ka taelo eo sebe se ile sa fumana monyetla wa ho nthetsa, mme ka yona sa mpolaya.
Na ke ho re ntho e molemo ee e ntliseditse lefu? Le kgale! Ke sebe se ntliseditseng lefu ka ntho ena e molemo, hore se tle se bonahale e le sebe. Ka taelo, sebe e tla ba sebe ka ho fetisisa.
Tlohelang metsamao ya lona ya pele, le fedise botho ba lona ba kgale, bo senyehileng ka baka la ditakatso tse thetsang.
Le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: “Kajeno”, e le hore ho se be le ya mong ya ithatafatsang ka ho thetswa ke sebe.
Ho se be motho, eo ekareng ha a le molekong, a re: “Ke lekwa ke Modimo.” Modimo ha a lekwe ke bobe, mme le yena ha a leke motho le ya mong.
Jwale ha takatso e mpe e se e emere, e tswala sebe, mme ha sebe se se se phethehile, se tswala lefu.