Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.”
Jakobo 1:13 - BIBELE Ho se be motho, eo ekareng ha a le molekong, a re: “Ke lekwa ke Modimo.” Modimo ha a lekwe ke bobe, mme le yena ha a leke motho le ya mong. Sesotho 1909/1961 (SO) Motho ha a lekwa, a se ke a re: Ke lekwa ke Modimo. Hobane Modimo ha o lekwe ke bobe, mme ha o leke motho ka jona. Baasraak Sotho NT Ho se be motho ha a lekwa, a reng: Ke lekwa ke Modimo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho se be motho ha a lekwa, a reng: Ke lekwa ke Modimo; |
Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.”
Monna a re: “Mosadi eo o nneileng yena, hore a be le nna, o mphile tse tswang sefateng, mme ka fela ka ja.”
O re tloheletseng, Morena, ho kgeloha tsela tsa hao? O thatafaleditseng pelo tsa rona, hore re se ke ra o tshaba? Kgutla ka baka la rona bahlanka ba hao, rona merabe eo e leng lefa la hao.
Jesu a re ho yena: “Le teng ho ngotswe, ho thwe: ‘O se ke wa leka Morena Modimo wa hao.’ ”
Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.