Ba bina ba neeletsana, ka dihlopha tsa bona, ba rorisa, mme ba boka Morena, ba re: “O molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle ho Baiseraele.” Setjhaba sohle, ha se rorisa Morena, sa howeletsa haholo, hobane motheo wa Tempele ya Morena o ne o radilwe.
Pina tse tswang pheletsong tsa lefatshe re di utlwile: “Tlotla e ke e iswe ho Ya Lokileng!” Empa nna ke re: “Ke fedile! Ke fedile! A nna elwa!” Mahlabaphiyo a ntsa tswela pele ho eka, bohlabaphiyo ba wona bo ntse bo hatela pele!
Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.
Ka bona tlotla ya Modimo wa Iseraele e hlaha botjhabela. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a hwasang, mme lefatshe le phatsima ke tlotla ya hae.
Jwale monna eo a nkisa kapele ho Tempele, ra ya ka tsela ya kgoro e ka leboya. Ka tadima, mme ka bona tlotla ya Morena e tlala ka Tempeleng ya Morena; yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.
Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi,