Manase o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, a le Jerusalema.
Isaia 3:4 - BIBELE Baokamedi ba bona e tla ba bashanyana, tlokotsebe tsa bana e be babusi ba bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tla ba nea bahlankana ho ba marena a bona, bana ba ba buse. |
Manase o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, a le Jerusalema.
Josiya o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong, a le Jerusalema.
Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema.
Jehowakase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro ha a qala ho busa. A busa ka kgwedi tse tharo, a le Jerusalema.
Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae.
Jehoyakine o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka kgwedi tse tharo le matsatsi a leshome, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena.
Ho madimabe naha e buswang ke kgosi ya moshanyana, eo mahosana a vona a ketekang e sa le hoseng!
Batjha ba hatella tjhaba sa ka, basadi ke bona babusi ba sona; tjhaba sa ka, badisa ba lona ba a le kgelosa, ba le faposa tseleng ya lona.
Morena o re: “Basadi ba Sione ba a ikgohomosa, ba tsamaya melala ba e thamotse, ka mahlo a bona ba ntse ba bonya, ba rwanyaketsa, ba hatela haufi, maqaqailana a bona a lla masekana.
le molaodi wa bahlabani le lehosana, moeletsi le setsebi sa mesebetsi, le ya hlalefetseng ho upella.
Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae. Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.