Isaia 3:3 - BIBELE le molaodi wa bahlabani le lehosana, moeletsi le setsebi sa mesebetsi, le ya hlalefetseng ho upella. Sesotho 1909/1961 (SO) le balaodi ba makgotla le batshepehi, le baeletsi, le ba masene mesebetsing, le baupelli ba bohlale. |
Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome.
Jwale Moshe a re ho Morena: “Oho, Morena, ha ke na bokgeleke ba puo. Haesale o qala ho buisana le mohlanka wa hao maobane, ho fihlela kajeno, ke ntse ke se na bokgeleke, hobane ke lehwelea, ke a kokotletsa.”
O tla di amoha mohale le mohlabani, moahlodi le moporofeta, senohe le moholo wa setjhaba;
Ka baka leo, tjhaba sa ka se tla thopuwa hoba tjhaba sena se hloka kutlwisiso; bahlomphehi ba sona ba tla bolawa ke tlala, bongata ba sona bo tla shwa ke lenyora.
“Kahoo, merabeng ya lona, ke ile ka nka banna ba bohlale, ba tumileng, bao e leng dihlooho, ka ba etsa baokamedi ba lona: balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le balaodi ba ba mashome a mahlano, le balaodi ba ba mashome, le bangodi ba merabe ya lona.
Jwale Gideone a re ho Seba le ho Salemuna: “Banna bao le ba bolaetseng Tabore ba hokae?” Ba araba, ba re: “Ba ne ba tshwana le wena, e mong le e mong wa bona eka ngwana wa kgosi.”
E tla ikgethela bona hore e be balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba mashome a mahlano; le ho lema masimo a yona, le ho a kotula; le ho e etsetsa dihlomo tsa ntwa, le dihlomo tsa dikariki tsa yona tsa ntwa.