Ba bina ba neeletsana, ka dihlopha tsa bona, ba rorisa, mme ba boka Morena, ba re: “O molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle ho Baiseraele.” Setjhaba sohle, ha se rorisa Morena, sa howeletsa haholo, hobane motheo wa Tempele ya Morena o ne o radilwe.
Bokolla wena monyako! Meketsa wena motse! Lona bohle ba Filesitiya thothomelang! Mosi o kang leru o foqoha o etswa leboya, hara mabotho a hae ha ho ya tla salla.
Ka tsatsi leo, batho ba tla re: “Ruri enwa ke Modimo wa rona, re ile ra mo tshepa, o re pholositse; enwa ke Morena, re ile ra mo tshepa, a re nyakalleng, re thabele ha a re pholositse.”
Jwalokaha nonyana di thathalatsa mapheo, Morena wa mabotho o sireletsa Jerusalema jwalo; o tla e sireletsa a e lopolle, a fete hodima yona a e pholose.”
Kgosi ya bona e tla baleha ke ho tshaba, balaodi ba lahle mekgele ya bona ke ho tshoha,” ho rialo Morena eo mollo wa hae o leng Sione, eo sebopi sa hae se leng Jerusalema.
Moratuwa wa ka ke tla mminela sefela, ke binele tshimo ya hae sefela, tshimo ya hae ya morara; moratuwa o ne a ena le tshimo rallaneng le mobu o motle.
kahara tempele ya ka, kahara marako a yona, ke tla a etsetsa kgopotso, ke a ree lebitso, bitso le fetang la ba nang le bara le baradi, ke tla a rea lebitso la kamehla yohle, bitso le ke keng la hlola le fediswa.
Lerata la dintwa ha le sa tla utlwahala, naheng ya hao, leha e le tshenyo le nanaola meeding ya hao; marako a hao o tla a rea lebitso la Topollo, kgoro tsa hao tsona o di ree la thoriso.
Tswang! Tswang! ka dikgoro tsa motse, le lokise tsela ya tjhaba sa ka; batalatsang, batalatsang mmila, le suthise majwe, le phahamisetse ditjhaba tsohle mokgele.
Morena o entse phatlalatso, a e etsa ho ya fihla dipheletsong, pheletsong tsa lefatshe: “Bolellang moradi wa Sione, le re: ‘Mopholosi wa hao o sa le tseleng, o tla a nkile moputso wa hae, phetetso ya hae e mo eteletse pele.’ ”
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.
Yaba ke bona lerako le potapotileng Tempele. Bolelele ba leqala le methang, leo monna eo a neng a le tshwere, bo ne bo etsa dimethara tse tharo. A metha lerako lena: Morumo wa lona o ne o etsa dimethara tse tharo, le bophahamo ba lona bo etsa dimethara tse tharo.