“Haeba nkile ka hanyetsa kopo ya mofutsana, eba mohlolohadi o lebeletse, mahlo a ba kgathala;
Isaia 10:2 - BIBELE hore ba amohe mafutsana tokelo tsa wona, ba hateletsweng ba ba hlokise toka, ba ikgapele ntho tsa bahlolohadi, ba tlatlape le tsona dikgutsana. Sesotho 1909/1961 (SO) ho amoha mafutsana tokelo ya wona, le ho hlakola tokelo ya bafumanehi ba setjhaba sa ka, ho etsa bahlolohadi kgapo ya bona, le ho ja dikgutsana. |
“Haeba nkile ka hanyetsa kopo ya mofutsana, eba mohlolohadi o lebeletse, mahlo a ba kgathala;
Moloko o teng o meno a kang disabole, oo a mohlaare a kang dithipa, ho harola bafumanehi lefatsheng, le bahloki ba phelang hara setjhaba.
Ithuteng ho etsa tse lokileng, le ipatlele le yona toka, kgalemelang mohatelli, le ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona le e emele.
Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele.
Ba beang motho molato ka polelo tsa bona, ba tswakeletsang ya emelang toka ka lekgotleng, ka paki ya bohata ba sitise ya lokileng, ba mo sitise ho ahlolwa ka toka.
Morena o qosa baholo ba tjhaba sa hae, o qosa le babusi ba sona, o re: “Tshimo ya ka ya morara e lobetswe ke lona, matlo a lona a tletse tse amohilweng mafutsana.
Ke ka baka lang ha le hatakela setjhaba sa ka, mafutsana le wona le a tlatlapa?” ho rialo Morena, Morena mabotho.
hobane sethoto se bua bothoto, le ho nahana se nahana tse kgopo: Se etsa tse kgopo, se bua tsa bohata ka Modimo; ba lapileng ha se ke se ba fepa, ba nyorilweng se ba tima metsi.
Tshimo ya morara ya Morena wa mabotho, ke ntlo ya Iseraele, tjhaba sa Juda ke semela se mo kgahlang; Morena a batla toka, empa a e hloka, bakeng sa ho loka ya eba dillo le tshollo ya madi.
E, nnete e fela e lahlehile, ya furallang bokgopo o etswa hampe. Tsena tsohle Morena a di bona, a se ke a thabiswa ke bosiyo ba toka.
haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona;
Baahi ba hao ba nyedisa bo-ntata bona le bo-mma bona, ba hatella moditjhaba, ba hlorisa kgutsana le mohlolohadi.
Morena o bua tjena: “Baiseraele le bona ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ya lokileng ba mo rekisa tjhelete, mofutsana ba mo rekise meqathatso.
Ba fokolang ba ba hatakela dihlooho, ba hatakelle hlooho tsa bona leroleng, batlatlapuwa ba ba hlokele toka. Mora le ntatae ba kopanela seotswa, bitso la ka le halalelang ba le hlompholle jwalo.
Ho tla ba jwalokaha motho a baleha tau, ere a e baleha a kgahlane le bere; kapa jwalokaha a kena ka tlung, ere a phopholetsa leboteng a longwe ke noha.
Yaba ke re: “Lona baetapele ba Jakobo, mamelang! Lona babusi ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Na toka ha le a tshwanela ho e tseba?
“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.
“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.