Mpholose saboleng e sehloho, namolele matsohong a baditjhaba ba buang mashano ka melomo ya bona, ba phahamisang matsoho ho hlapanyetsa bohata.
Hosea 5:7 - BIBELE Ha ba a ka ba tshepahala ho Morena, ba mo tswaletse bana, bana ba dikgaupane. Jwale etlare ha kgwedi e thwasa, ba timetswe le masimo a bona.” Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova, ba mo entse ka bolotsana, hobane ba tswetse bara ba bonyatsi; jwale, kgwedi e ntjha e tla ba ja hammoho le masimo a bona. |
Mpholose saboleng e sehloho, namolele matsohong a baditjhaba ba buang mashano ka melomo ya bona, ba phahamisang matsoho ho hlapanyetsa bohata.
Nnanabele o le hodimo, o mpholose, o nkinole metsing a lewatle, le matsohong a baditjhaba;
Mekete ya lona ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete ya lona e kgethehileng, moya wa ka o e hloile, ho nna e fetohile mejaro, ke kgathetse ke ho e sikara.
Ha wa ka di utlwa le ho di utlwisisa; tsebe tsa hao haesale di thibane ho tloha kgale. Ke tseba hantle kamoo o leng maqiti kateng, o bitsitswe lehlabaphiyo ho tloha mohla o tswalwang.
Ke ho sitelwa Morena le ho bua leshano, ke ho furalla Modimo wa rona, ho kgothaletsa bohatelli le bofetohedi, ho nahana leshano le ho le bua ka pelong tsa rona.
Empa jwaloka mosadi ya hlokang botshepehi, a bo hloke a ba a tlohele monna, le lona ba ntlo ya Iseraele le ntlohetse le ntlhoketse botshepehi.” ho rialo Morena.
Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, ba ntlhoketse botshepehi haholo,” ho rialo Morena.
“Ka baka leo, ere ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mantswe a ka a ke ke a hlola a thisiswa, empa tseo ke di bolelang di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.’ ”
Ke tla fedisa menyaka yohle ya hae, mekete ya hae ya selemo ka seng, ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, mekete yohle e halalelang ke e fedise.
Bana ba hae nke ke ka ba hauhela, hoba ke bana ba tswetsweng, ba tswetsweng ka bootswa.
Bomadimabe bo ba wele hodimo, hobane ba balehile pela ka! Kotlo e ba wele hodimo, hobane ke mona ba ntshitetswe! Ke ne ke re ke a ba lopolla, empa ba nnetile ka leshano!
Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.