Hosea 2:6 - BIBELE Ka meutlwa tsela hae ke tla e ralla, ke be ke e thibe ka ho haha lerako, a se ke a tsamaya ka tsela tsa hae tsa kgale. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, bonang, ke tla thiba tsela ya hae ka meutlwa, ke hahe lerako teng, a tle a se ke a hlola a fumana mmila wa hae. |
Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala, sa tjhesa mokubetso, sa o tjhesetsa medimo ya bohata; medimo ena e entse hore se be se kgoptjwe, se kgoptjwe ha se tsamaya tseleng tsa sona, ha se tsamaya tseleng tsa boholoholo; ya se hlahlathedisa tseleng tse kathoko, tse sa batallang, tse tletseng makukuno.
Dibaka tsa borapedi, tsa Afene, di tla fediswa, tsona tseo Iseraele a etsetsang sebe ho tsona, aletare tsa bona di mele meutlwa, di mele tshehlo. Ba tla re ho dithaba: “Re kgurumetseng!” Ho maralla ba re: “Re weleng hodimo!”
Ha ba phasaphasa, ba baleha timelo, Egepeta e tla ba kgobokanya, e ba kgobokanye mmoho, Memefise yona ebe e a ba epela. Matlotlo a silefera a tla melella bobatsi, meutlwa e ririellane ka ditenteng tsa bona.
O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle,
Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.