A futuhelwa ke Salemanesere, kgosi ya Asiria, Hoshea ya eba mohlanka wa hae, mme a mo ntshetsa lekgetho.
Hosea 10:6 - BIBELE Namane eo e tla iswa Asiria, e le nyehelo ho kgosi e kgolo. Efraime yena o tla hlajwa ke dihlong, Iseraele a swabiswe ke keletso tsa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Leha e le yona, e tla iswa Assiria, e be nyehelo ho morena Jarebe (motseki). Efraime o tla hlajwa ke dihlong, Iseraele a swabe ka baka la seo a se pheheletseng. |
A futuhelwa ke Salemanesere, kgosi ya Asiria, Hoshea ya eba mohlanka wa hae, mme a mo ntshetsa lekgetho.
“Le tla hlajwa ke dihlong ke ho kgumamela fate sa eike, le swabiswe ke rapa tseo le di kgathileng.
Tshireletso ya Faro e tla le hlabisa dihlong, ho tshabela moriting wa Egepeta e be ho tlontloloha.
Bohle ba etsang medimo ya bohata ba tla hlajwa ke dihlong, ba tlontlolohe, ba ferekane kaofela ha bona.
Jwale Moabe e tla hlabiswa dihlong ke Kemoshe, jwalokaha Baiseraele dihlong di ile tsa ba hlaba, mehleng ya ha Bethele e ne le tshepo ya bona.
Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela; ba nnile ba latela mehopolo ya bona le ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, tse kgopo, ba kgutlela morao, ba se ke ba ya pele.
“ ‘Kahobane o ne o sa kgotsofale, le Baasiria o entse bootswa le bona. E, o bile seotswa sa bona, empa le bona ha ba a ka ba o kgotsofatsa.
Kahoo le tla hopola metsamao ya lona e mebe le diketso tsa lona tse kgopo, mme le inyonye ka baka la makgopo a lona le manyala a lona.
O tla kgutlela Egepeta a hapile medimo ya bona ya bohata le medingwana ya bona, le thepa ya bona ya silefera le ya kgauta, e etseditsweng medingwana eo. O tla qeta dilemo tse ngata a sa futuhele kgosi ya Siria.
Setsokotsane se tla ba sobokella, se ba sobokelle, se ba fefole, mahlabelo a bona a ba hlabise dihlong.”
Ha baprista ba ntse ba ngatafala, ba ile ba ntshitelwa haholo; kahoo tlotla ya bona ke tla e fetola dihlong.
“Ha Efraime a bona bolwetse ba hae, Juda yena a bona diso tsa hae, Efraime yena a ikela naheng ya Asiria, a ya kopa thuso ho kgosi ya mohlabani. Empa kgosi e sitilwe ho mo fodisa, ya hlolwa ho phekola diso tsa hae.
Namane ena e ne e etswe naheng ya Iseraele, e entswe ke lelala, empa yona hase Modimo. Namane ya Samaria e tla thuakanngwa!
Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”