Ka matsatsi a supileng o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe aletareng, o e halaletse. Kahoo aletare e tla halalela ka ho fetisisa, mme tsohle tse tla ama aletare ena di tla halalela.”
Haggai 2:12 - BIBELE Ha motho a ka phuthela nama e halaleditsweng ka lemeno la kobo ya hae, ebe lemeno leno le thetsa bohobe, kapa lesheleshele, kapa veine, kapa ole, kapa sejo se seng feela, na tseo le tsona di tla halaletswa?’ ” Baprista ba mo araba, ba re: “Tjhe!” Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha motho a nkile nama e kgethehileng ka kobo ya hae, mme ka kobo ya hae a ama bohobe, leha e le moroho, kapa veine, kapa ole, kapa sejo sefe le sefe, na se tla kgetheha na? Baprista ba araba, ba re: Tjhe. |
Ka matsatsi a supileng o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe aletareng, o e halaletse. Kahoo aletare e tla halalela ka ho fetisisa, mme tsohle tse tla ama aletare ena di tla halalela.”
Jwalokaha ntsintsi tse shweleng di nkgisa menkwane, bothotwana le bona bo senya bohlale le botumo.
Ha ba tswela lebaleng le kantle, moo setjhaba se leng hona teng, ba tla hlobola diaparo tseo ba neng ba di apere ha ba sebeletsa, ba di siye ka dikamoreng tse halalelang, ba apare disele, e le hore ba se ke ba tlisetsa setjhaba bomadimabe ha se ka ama diaparo tseo tsa bona.
Eng kapa eng e amang nama ya yona e tla halalela. Ha seaparo se ka qaphaletswa ke madi a yona, seaparo seo se qaphaleditsweng ke madi o se hlatswetse sebakeng se halalelang.
E mong le e mong e motona wa baprista o tla ja sehlabelo sena; se halalela ka ho fetisisa.
E mong le e mong e motona wa baprista a ka ja nyehelo eo; a e jelle sebakeng se halalelang, hobane e halalela ka ho fetisisa.
Ba tla ruta Jakobo taelo tsa hao, ba rute Iseraele Molao wa hao. Ba tla o tlisetsa mokubetso, ba etse nyehelo ya setjheso, ba e etse aletareng ya hao.