ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.
Genese 9:9 - BIBELE “Bonang, nna, ke etsa selekane sa ka le lona, le ditloholo tsa lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Bonang, nna ke tiisa selekane sa ka le lona, le ditloholo tsa lona tse le hlahlamang, |
ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.
Empa wena ke tla etsa selekane le wena. O tla kena ka arekeng, wena le bara ba hao, le mosadi wa hao, le dingwetsi tsa hao.
Ke se etsa le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nang le lona: Dinonyana, makgomo, le diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tswileng ka arekeng.
Ke etsa selekane sa ka le lona: Ha ho ka ke ha hlola ho timetswa batho ka morallo wa metsi. Hape ha ho ka ke ha hlola ho eba le morallo wa metsi o tla timetsa lefatshe.”
Modimo a re ho Nowe: “Sena ke sesupo sa selekane seo ke se entseng pakeng tsa ka le batho bohle ba teng lefatsheng.”
“Morena o bua tjena: Ha o ka wa senya selekane seo ke se entseng le letsatsi, kapa wa senya selekane seo ke se entseng le bosiu, hore letsatsi le bosiu di se hlole di eba teng ka nako ya tsona,
Molaetsa oo o bua ka Mora wa Modimo, eo ho ya ka nama, a tswetsweng lelokong la Davida;