Genese 8:12 - BIBELE A boela a ema matsatsi a supileng hape, a nto boela a ntsha leeba, empa la se ke la hlola le kgutlela ho yena hape. Sesotho 1909/1961 (SO) A lebadisa hape ditshiu tse supileng, a boela a ntsha leeba, mme ha le a ka la hlola le kgutlela ho yena. |
Mantsiboya la kgutlela ho yena, molomong wa lona le nkile lehlaku la mohlwaare, le neng le qeta ho rojwa. Jwale Nowe a tseba hore metsi a fokotsehile lefatsheng.
Ka tsatsi leo, batho ba tla re: “Ruri enwa ke Modimo wa rona, re ile ra mo tshepa, o re pholositse; enwa ke Morena, re ile ra mo tshepa, a re nyakalleng, re thabele ha a re pholositse.”
Oho, Morena, re o emetse, re tsamaya tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le botumo ba hao ke tsona tseo re di labalabelang.
Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng.
Ha e le nna ke tshepile Morena, yena ya patileng sefahleho sa hae, a se patela ntlo ya Jakobo; ke yena eo ke tla mo lebella.
Lona baahi ba Moabe tswang metseng ya lona, le yo iphelela kwana hara mafika, le ke leeba le hahang sehlaha sa lona, le se hahang dintshing, ntshing tsa faru la lefika.
Pono ena e sa emetse nako ya yona, e haufi e phethahala, mme e ke ke ya thetsa. Leha e ka dieha, wena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ya dieha.