Empa wena ke tla etsa selekane le wena. O tla kena ka arekeng, wena le bara ba hao, le mosadi wa hao, le dingwetsi tsa hao.
Genese 7:7 - BIBELE Yare metsi a morallo a eso fihle, Nowe a kena ka arekeng a ena le bara ba hae, le mosadi wa hae, le dingwetsi tsa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Nowe a kena ka arekeng, a na le bara ba hae, le mosadi wa hae, le basadi ba bara ba hae le yena, ba tshaba metsi a morwallo. |
Empa wena ke tla etsa selekane le wena. O tla kena ka arekeng, wena le bara ba hao, le mosadi wa hao, le dingwetsi tsa hao.
Morena a re ho Nowe: “Wena, le ba ntlo ya hao, kena ka arekeng, hobane ke bone hore molokong ona ke wena feela ya lokileng mahlong a ka.
Motho ya sedi o bona kotsi, a e balehe; ya se nang tsebo o hahamalla pele, a be a yo wela.
Mehleng eo, e bileng pele ho morallo wa metsi, batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a neng a kene arekeng ka lona.
batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle.
Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.
E bile hore ka ketso tseo tse pedi, tse ke keng tsa fetoha, tseo ka tsona Modimo a ke keng a thetsa, rona ba tshabetseng ho yena re kgothale ka matla, ho itshwarella tshepong eo re e neilweng.
Ke meya e neng e sa ka ya mamela Modimo, ha yena a ne a e mameletse halelele mehleng eo Nowe a neng a haha areka ka yona. Ka areka, ba seng bakae feela, e leng ba robedi, ba ile ba pholoswa metsing.
Hape Modimo ha a a ka a qenehela lefatshe la kgale, empa o ile a tlisa morallo wa metsi lefatsheng la ba kgopo; a mpa a pholosa Nowe, ya neng a phatlalatsa tsa ho loka, le ba bang ba supileng.