Genese 7:6 - BIBELE Nowe o ne a ena le dilemo tse makgolo a tsheletseng ha morallo wa metsi o eba teng lefatsheng. Sesotho 1909/1961 (SO) Nowe e ne e le motho ya dilemo tse makgolo a tsheletseng, ha morwallo wa metsi o eba teng lefatsheng. |
Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la leshome le metso e supileng, ka lona letsatsi leo mehlodi yohle ya bodiba bo boholo ya phunyeha, le maru a tsholella metsi lefatsheng.
Ka selemo sa makgolo a tsheletseng a motso o mong, ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la pele la kgwedi, metsi a ne a se a monyetse fatshe. Nowe a bula areka kahodimo, mme a bona hore jwale ho qomme.