Genese 7:16 - BIBELE Tse ileng tsa kena e ne e le e tona, le e tshehadi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse. Jwale Morena a mo kwalla kahare. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho tse tlileng, ha tla e tona le e tshehadi tsa nama yohle, jwalokaha Modimo o ne o mo laetse. Yaba Jehova o a mo kwalla. |
Morallo wa nna wa tswela pele lefatsheng ka matsatsi a mashome a mane. Ha metsi a ntse a eketseha a phaphamatsa areka, ya phahamela lefatshe.
tsa tla ka bobedi, e le e tona le e tshehadi, tsa kena ka arekeng le Nowe, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
moo a heleditseng ho ke ke ha tsoswa marako, eo a mo kentseng tjhankaneng a ke ke a lopollwa.
Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona; ke thuso e teng kamehla, thuso matshwenyehong.
“Yare ba sa ilo ithekela, monyadi a fihla; ba itokisitseng ba kena le yena moketeng, mme ha kwalwa monyako.
Ha monga ntlo a se a ile a ema, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle le ho kokota monyako, le re: ‘Monghadi, ako re bulele;’ o tla le araba, a re: ‘Ha ke tsebe hore na le ba hokae.’
Leaho la hao ke Modimo wa mehla yohle, matsoho a mehla yohle a o tshehetsa; a phaladisa sera kapele ho wena, a o laela hore o se timetse.
Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.