O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”
Genese 5:5 - BIBELE Ditshiu tsohle tseo Adama a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le mashome a mararo; a nto shwa. Sesotho 1909/1961 (SO) Ditshiu tsohle tseo Adama a phetseng ka tsona, e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mararo; mme a shwa. |
O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”
Ditshiu tsohle tseo Enoshe a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le metso e mehlano; a nto shwa.
Hoba Seta a tswalwe, Adama o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi, mme a tswala bara ba bang le baradi.
Ditshiu tsohle tseo Seta a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le leshome le metso e mmedi; a nto shwa.
Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.
Morena, ako hopole bokgutshwanyane ba bophelo, hopola hore batho bohle o ba bopetse lefeela.
Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile.
batho ba eso tshabe ho hlwa mekwalaba, ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi; moriri wa hlooho o eso pudufale, o eso tsamaye o kokoroha, o kokoroha sa tsienyane, takatso tsa hao tsohle di eso fele; hobane motho o ya boyabatho, mahahabo a mo hlabele sa mmokotsane.
Ba phelang bona ba a tseba hore ba tla shwa, athe bafu bona ha ho letho leo ba le tsebang, moputso le wona ha ba ka ke ba o fumana, esita le ho hopolwa ha ba sa hopolwa.
Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa!
Le rate Morena Modimo wa lona, le mamele lentswe la hae, le mo kgomarele, hobane ke yena ya le phedisang, ya lelefatsang matsatsi a ho phela ha lona, e le hore le tle le ahe naheng eo Morena a hlapanyeditseng bo-ntata lona Aborahama, Isaka, le Jakobo, hore o tla le nea yona.”