Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”
Genese 5:4 - BIBELE Hoba Seta a tswalwe, Adama o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi, mme a tswala bara ba bang le baradi. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane Adama a tswale Setha, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; a tswala bara le baradi. |
Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”
Arepakeshade a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, yaba o tswala Shela.
Hoba Kenane a tswalwe, Enoshe o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi le leshome le metso e mehlano, mme a tswala bara ba bang le baradi.
Hoba Mahalalele a tswalwe, Kenane o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi le mashome a mane, mme a tswala bara ba bang le baradi.
Hoba Henoke a tswalwe, Jareta o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi, mme a tswala bara ba bang le baradi.
Hoba Metushela a tswalwe, metsamao ya Henoke ya kgahla Modimo ka dilemo tse makgolo a mararo, mme a tswala bara ba bang le baradi.
Hoba Lameke a tswalwe, Metushela a phela dilemo tse makgolo a supileng le mashome a robedi a metso e mmedi, mme a tswala bara ba bang le baradi.
Adama o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mararo ha a tswala mora ka setshwano sa hae, ka sebopeho sa hae, mme a mo rea lebitso la Seta.
Hoba Nowe a tswalwe, Lameke a phela dilemo tse makgolo a mahlano le mashome a robong a metso e mehlano, mme a tswala bara ba bang le baradi.
Ditshiu tsohle tseo Adama a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le mashome a mararo; a nto shwa.
Hoba Enoshe a tswalwe, Seta o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi le metso e supileng, mme a tswala bara ba bang le baradi.
Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe.
Bara ba rona, botjheng ba bona, ba ke ba be jwaloka ditlama, tlama tse holang hantle; baradi ba rona ba be jwaloka ditshiya, tshiya tsa dihuku tse betletsweng ntlo ya bokgosi.