Genese 42:2 - BIBELE Yaba o re: “Bonang, ke utlwile hore koro e teng Egepeta; theohelang teng, le yo re sella, re tle re phele re se ke ra shwa.” Sesotho 1909/1961 (SO) A ba a re: Bonang, ke utlwile hoba koro e teng Egepeta, theohang, le ye teng, le re rekele teng, re tle re pholohe, re se ke ra shwa. |
Yare ha ba qetile ho ja koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: “Kgutlelang Egepeta, le yo re sella hape.”
Jwale Juda a re ho ntatae, Iseraele: “Ntumelle ho tsamaya le mohlankanyana, mme re tla ya, e le hore re tle re phele, re se ke ra shwa, rona le wena, le bana ba rona.
Potlakang, le nyolohele ho ntate, le re ho yena: ‘Mora wa hao Josefa o re Modimo o nkentse mmusi wa Egepeta yohle; theohela ho nna, o se ke wa dieha.
Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: ‘Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela.’ ”
A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Modimo.’ ”
Eitse ha Jakobo a utlwa hore dijo di teng Egepeta, a roma bo-ntata rona kgetlo la pele.