Genese 41:2 - BIBELE A bona dikgomo tsa dithole tse supileng, tse ntle, tse nonneng, di nyoloha nokeng, di ntse di fula mohlakeng. Sesotho 1909/1961 (SO) A bona dikgomo tse supileng tsa dithole, tse ntle, tse nama di mafura, di etswa nokeng, di fula mohlakeng; |
Ka bona dithole tse supileng, tse ntle, tse nonneng di nyoloha nokeng, di ntse di fula mohlakeng.
A boela a bona dithole tse ding tse supileng, tse mpe, tse otileng, di nyoloha nokeng kamora tseo, di ema pela tse lebopong.
melapo ya yona e nkge, e re phu! melatswana ya yona le yona e pshe, e omelle. Hlaka la yona le lodi di tla pona,
le dijalo tsohle tse mabopong a noka eo, le tse metseng moo e kenang lewatleng. Masimo wohle a mabopong a noka eo a tla omella, moya o fefole mobu ho sale ho se na letho.