Adama a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae, mosadi a mo tswalla mora eo a ileng a mo rea lebitso la Seta. Eva a re: “Modimo o mphile ngwana e mong bakeng sa Abele, hobane Kaine o ne a mmolaye.”
Genese 4:8 - BIBELE Kaine a re ho Abele, moena hae: “A re ye naheng.” Jwale yare ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moena hae matla, a mmolaya. Sesotho 1909/1961 (SO) Kaine a bua le Abele moenae; mme ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moenae matla, a mmolaya. |
Adama a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae, mosadi a mo tswalla mora eo a ileng a mo rea lebitso la Seta. Eva a re: “Modimo o mphile ngwana e mong bakeng sa Abele, hobane Kaine o ne a mmolaye.”
Lekgabunyane la hao le ne le ena le bara ba babedi. Bara bao ba ile ba lwana kwana hara naha, moo ho neng ho se motho ya ka ba namolang. E mong a bata e mong, mme a mmolaya.
Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.
Ha Jehorame a se a entswe kgosi, ho hlahlama ntatae, a imatlafatsa, a bolaya bana babo kaofela ka sabole, le mahosana a mang a Iseraele.
Bo-Sanebalate le Gashemu ba nthomella molaetsa o reng: “Tloo, re tlo kopana le wena motsaneng o mong wa e phuleng ya Ono.” Empa ba ne ba rerile ho ntlhahisa kotsi.
Ke mahlapa, ke leshano, ke dipolao, ke boshodu, ke ho etsa bohlola! Melao yohleyohle ba a e tlola, madi a tsholoha a sa tswa tsholoha!
Mora o hlompholla ntatae, moradi o fetohela mmae, ngwetsi e fetohela matsalayo, ba lapa la motho ke bona dira tsa hae.
“ ‘Haeba a kgorohela motho ka baka la lehloyo feela, kapa a mmetsa ka ho hong, a mo laletse, eba eo o a shwa;
hore madi wohle a ba lokileng a tsholotsweng lefatsheng a botswe ho lona ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho ya fihla ho a Sakariya, mora Barakiase, eo le neng le mmolaele pakeng tsa sehalalelo le aletare.
ho tloha mading a Abele, ho ya fihla mading a Sakariya, ya ileng a timetswa pakeng tsa aletare le Tempele.’ E, ke a le bolella, a tla batlwa ho moloko ona.
Ka tumelo Abele o ile a nyehella Modimo ka sehlabelo se setle ho feta sa Kaine. Ke ka yona a pakilweng hore o lokile, kaha Modimo a ananetse dimpho tsa hae, mme ka yona Abele o ntse a bua, leha a shwele.
Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele.
Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.