Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.”
Genese 4:13 - BIBELE Kaine a re ho Morena: “Kotlo ya ka e kgolo hoo ke sitwang ho e mamella. Sesotho 1909/1961 (SO) Kaine a re ho Jehova: Kotlo ya ka e kgolo ho fetisa see nka se jarang. |
Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.”
Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”
Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko le diso tsa bona, empa ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona.
Yaba sefako se dinaka, se boima ba dikilo tse mashome a mahlano, se theoha hodimo, se ruthutha batho. Batho ba nyefola Modimo ka baka la kotlo ya sefako, hobane kotlo eo e ne e le kgolo ka ho fetisisa.
Batho ba tjheswa ke lebatama le leholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo ya nang le matla hodima dikotlo tsena, empa ha ba a ka ba baka, hore ba tle ba mo tlotlise.