Ha Lea a bona hore a ke ke a hlola a beleha, a nka lekgabunyane la hae Silepa, mme a le nea Jakobo hore e be mosadi wa hae.
Genese 30:3 - BIBELE Ragele a re: “Bileha, lekgabunyane la ka, ke enwa. Kena dikobong tsa hae, e le hore a tle a ntswalle bana ba lengwele, hore ke be le bana ka yena.” Sesotho 1909/1961 (SO) A re: Lekgabunyane la me, Bilha, ke lena; eya ho lona, le tle le tswale bana mangoleng a me, mme ke bone bara ka lona. |
Ha Lea a bona hore a ke ke a hlola a beleha, a nka lekgabunyane la hae Silepa, mme a le nea Jakobo hore e be mosadi wa hae.
Bana ke bara ba Bileha, eo Labane a neng a mo nee moradi wa hae Ragele. Bileha a tswalla Jakobo bana. Kaofela ha bona ke batho ba supileng.
Josefa a bona moloko wa boraro wa bana ba Efraime; le bana ba Makiri, mora wa Manase, bao Josefa a ileng a ba nka e le bana ba hae.
Batho bohle ba neng ba le kgorong ya motse, ba re: “Re dipaki!” Baholo ba re: “Morena a ke a etse hore mosadi enwa ya tla kena ka tlung ya hao, a ke a be jwaloka Ragele le Lea, ba neng ba tswalle Iseraele bana. O ke o atlehe Eferata, mme o tume Betlelehema.