Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”
Genese 3:12 - BIBELE Monna a re: “Mosadi eo o nneileng yena, hore a be le nna, o mphile tse tswang sefateng, mme ka fela ka ja.” Sesotho 1909/1961 (SO) Adama a re: Mosadi eo o nneileng yena hore a dule le nna, ke yena ya mphileng tsa sefate, ka di ja. |
Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”
Jwale motho a di rea mabitso; makgomo wohle, le dinonyana tse fofang, le diphoofolo tsohle tsa naha. Empa ha e le motho yena ha a a ka a fumanelwa molekane ya mo thusang.
Ka lehopo leo Morena Modimo a le ntshitseng ho motho, a bopa mosadi, a mo tlisa ho motho.
Jwale Modimo a re: “Ke mang ya o boleletseng hore ha o a tena letho? Na o jele sefate seo ke o laetseng hore o se ke wa se ja?”
“Haeba nkile ka pata sebe sa ka jwaloka Adama, ka ho boloka makgopo a ka ka fubeng sa ka,
Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.
Ka ho se tsebe kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo,
Saule a re: “Banna ba di nkile ho Baamaleke, hobane batho ba ile ba qenehela tse ntlentle tsa dinku le tsa dikgomo, e le hore ba tle ba etsetse Morena Modimo wa bona, sehlabelo. Tse ding tsona re di bolaile ho hang.”