Monna a arabela, a re: “Ke ile ka utlwa ha o ntse o tsamaya mona serapeng, ka tshaba, hobane ha ke a tena letho, mme ka ipata.”
Genese 3:11 - BIBELE Jwale Modimo a re: “Ke mang ya o boleletseng hore ha o a tena letho? Na o jele sefate seo ke o laetseng hore o se ke wa se ja?” Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re: Ke mang ya o tsebisitseng hobane o feela? Na ha o a ka wa ja sefate seo ke o laetseng, ka re: O se ke wa se ja, na? |
Monna a arabela, a re: “Ke ile ka utlwa ha o ntse o tsamaya mona serapeng, ka tshaba, hobane ha ke a tena letho, mme ka ipata.”
Monna a re: “Mosadi eo o nneileng yena, hore a be le nna, o mphile tse tswang sefateng, mme ka fela ka ja.”
Morena a re: “O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le ipiletsa ho nna le etswa mobung.
Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao.
Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.