Yaba Faro o bitsa Aborame, o re ho yena: “Ke eng ye, eo o e entseng ho nna? Ke ka baka lang o sa kang wa mpolella hore ke mosadi wa hao?
Genese 26:9 - BIBELE Yaba Abimeleke o bitsa Isaka, o re: “Ha ke re eo ke mosadi wa hao? Ke hobaneng ha o ile wa re ke kgaitsedi ya hao?” Isaka a mo araba, a re: “Ke hobane ke ile ka nahana hore mohlomong ka baka la hae ke tla tshoha ke bolawa.” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Abimeleke o bitsa Isaaka, a re: Bona, kannete motho eo ke mosadi, wa hao; ke ka baka lang ha o itse: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Isaaka a re ho yena: Ke hobane ke itse mohlomong nka bolawa ka baka la hae. |
Yaba Faro o bitsa Aborame, o re ho yena: “Ke eng ye, eo o e entseng ho nna? Ke ka baka lang o sa kang wa mpolella hore ke mosadi wa hao?
Abimeleke a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? E mong wa batho bana a ka be a ile a kena dikobong tsa mosadi wa hao, mme o ka be o entse hore re be molato.”
Ha Isaka a se a ahile moo ditshiu tse teletsana, Abimeleke, kgosi ya Bafilesita, a tadima ka fesetere, mme a bona Isaka a ntse a phathapathatsana le Rebeka, mosadi wa hae.
Jesu a re ho yena: “Ke bile le lona nako e kaakaale, empa ha o a ka wa ntseba, Filipi? Ya mponeng o bone Ntate; o bolela jwang ha o re: ‘Re bontshe Ntate’?
Petrose ha a re qwatsi! Yaba o re: “Jwale ke tseba kannete hore Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse matsohong a Heroda le ho tsohle tse neng di lebeletswe ke setjhaba sa Bajuda.”