Yaba Abimeleke o bitsa Isaka, o re: “Ha ke re eo ke mosadi wa hao? Ke hobaneng ha o ile wa re ke kgaitsedi ya hao?” Isaka a mo araba, a re: “Ke hobane ke ile ka nahana hore mohlomong ka baka la hae ke tla tshoha ke bolawa.”
Genese 26:10 - BIBELE Abimeleke a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? E mong wa batho bana a ka be a ile a kena dikobong tsa mosadi wa hao, mme o ka be o entse hore re be molato.” Sesotho 1909/1961 (SO) Abimeleke a re: O re etseditseng taba eo? Hle! motho e mong o ba a ka robala le mosadi wa hao, mme wa re tlama ka molato! |
Yaba Abimeleke o bitsa Isaka, o re: “Ha ke re eo ke mosadi wa hao? Ke hobaneng ha o ile wa re ke kgaitsedi ya hao?” Isaka a mo araba, a re: “Ke hobane ke ile ka nahana hore mohlomong ka baka la hae ke tla tshoha ke bolawa.”
Yare ha bo esa, bo bonahala hore ke Lea, Jakobo a re ho Labane: “Ke eng ee, eo o nketseditseng yona? Na ha ke o sebeletsa, ke ne ke sa sebeletse hore o nnee Ragele? Jwale o nthetseditseng?”