Jwale e tla ba o lokolohile kanong ya hao, ha o ka fela wa fihla ho bang ka nna. Le teng haeba ba sa o nee mosadi eo, e tla ba o lokolohile kanong ya hao.’
Genese 24:8 - BIBELE Empa haeba mosadi eo a sa rate ho tla le wena, e tla ba wena o lokolohile kanong ena eo o nketseditseng yona; feela ha e le mora wa ka, o se ka wa mo kgutlisetsa moo.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha mosadi a sa rate ho o sala morao, etlaba o lokolohile kanong ena ya ka; empa feela, mora wa ka o se ke wa mo kgutlisetsa kwana. |
Jwale e tla ba o lokolohile kanong ya hao, ha o ka fela wa fihla ho bang ka nna. Le teng haeba ba sa o nee mosadi eo, e tla ba o lokolohile kanong ya hao.’
Empa haeba mohla ntatae a utlwang hona a ka mo hanela, dikano tsohle tsa hae, le boitlamo bohle ba hae di ke ke tsa mo tlama. Morena o tla mo tshwarela, hobane ntatae o mo hanetse.
Empa mohla letsatsi leo monna wa hae a utlwang ka lona, mme eba o a mo hanela, e tla ba kano eo e nyopile, le boitlamo boo a bo entseng a ne a sa imamela bo nyopile, mme Morena o tla mo tshwarela.
Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane;
Re tla ba etsa tjena: Re tla ba tlohela ba phele, esere ra itlisetsa kgalefo, ka baka la kano eo re neng re ba hlapanyetse yona.”