Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?”
Genese 24:2 - BIBELE Jwale Aborahama a re ho mohlanka wa hae, ya sebeditseng tlung ya hae halelele ho feta bohle, ya neng a okamela tsohle tseo a nang le tsona: “Ako bee seatla sa hao katlasa serope sa ka, Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale Abrahama a re ho mohlanka wa hae e moholo ka tlung ya hae, ya neng a laola tsohle tseo a nang le tsona: Ako bee hle seatla sa hao katlasa serope sa ka, |
Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?”
Jwale o ile a ntlhapantsha, a re: ‘O se ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng naheng ya bona.
Jwale Josefa a laela mookamedi wa lelapa la hae, a re: “Tlatsa mekotla ya banna bana ka dijo tseo ba ka tsebang ho di nka, mme o kgutlisetse tjhelete ya e mong le e mong ka molomong wa mokotla wa hae.
Ha nako ya ho shwa ha Iseraele e atamela, a bitsa mora wa hae Josefa, a re ho yena: “Haeba ke fumane mohau ho wena, ako bee seatla sa hao ka tlasa serope sa ka. Tshepisa hore o tla nne o nthate, o tshepahale, mme o ke ke wa nkepela Egepeta.
Iseraele a re: “Ntlhapanyetse!” A mo hlapanyetsa. Iseraele a inamisetsa hlooho mosamong.
Baholo ba ntlo ya hae ba ne ba ye ba tle, ba eme pela hae, hore ba mo phahamise fatshe. Empa a se ke a phahama, le ho ja le bona a se ke a eja.
Empa mohlanka wa hae Simeri, eo e neng e le molaodi wa halofo ya bahlabani ba palamang dikariki tsa ntwa, a rera ho mmolaya. Kgosi Ela o ne a le Tiresa, ka tlung ya Aresa, mookamedi wa lelapa la Ela le motseng wa Tiresa, a ntse a enwa, a tahwa.
Baholo ba busang kereke hantle ba lokela ho fuwa moputso wa hlompho e kgolo, haholoholo ba sebetsang ka thata ho phatlalatsa lentswe le ho ruta.
Mohlanka a mo araba, a re: “Ke ngwanana wa ba Moabe, ya tlileng le Naomi ha a ne a kgutla naheng ya Moabe.