Sarai, mosadi wa Aborame, o ne a sa ka a mo tswalla bana, empa o ne a ena le lekgoba la mosadi eo e leng Moegepeta, le bitswang Hagare.
Genese 21:9 - BIBELE Sara a bona mora eo Aborahama a mo tswaletsweng ke Hagare wa Moegepeta a ntse a tsheha Isaka ka mokgwa o somang. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Sara a bona mora wa Agare, Moegepeta, eo Agare a mo tswaletseng Abrahama, a ntse a tsheha. |
Sarai, mosadi wa Aborame, o ne a sa ka a mo tswalla bana, empa o ne a ena le lekgoba la mosadi eo e leng Moegepeta, le bitswang Hagare.
Hagare a tswalla Aborame mora, mme Aborame a rea mora eo a mo tswaletsweng ke Hagare lebitso la Ishemaele.
Ha e le tabeng ya Ishemaele, ke o mametse: bona, ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo fe bana ba bangata, ke ba atise haholo. O tla tswala mahosana a leshome le metso e mmedi, mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo.
Empa ke mo tswaletse mora boqhekung ba hae.” Ngwana a hola, a ba a kgweswa, mme Aborahama a etsa pitiki e kgolo mohla ngwana a kgweswang.
Maqosa a ya le metse yohle ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho ya fihla ho ba morabe wa Sebulone, empa batho ba a tsheha, ba a soma.
Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.
“Ba banyenyane ho nna jwale ba a ntshoma, bao bo-ntata bona ke neng ke ba nyedisa, ke neng nke ke ka ba disisa mohlape le ntja tsa ka.
Ba nnile ba o llela, mme ba phonyoha; ba o tshepa, mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong.
Ke tla re ho Modimo, Lefika la ka: “O ntebaletseng?” Keng ha ke tsamaya ke hlomohile ka baka la kgatello ya sera?
Nakong ya matshwenyeho a yona le ya ho lelera, Jerusalema e hopola matlotlo, matlotlo a yona wohle, ao e ne e le a yona mehleng ya kgalekgale. Ha tjhaba sa yona se wela matsohong a dira, ha ho a ba le ya kileng a e thusetsa. Dira tsa yona di ile tsa e sheba, tsa etsa metlae ka ho timetswa ha yona.
Ho ngotswe hore Aborahama o ne a ena le bara ba babedi, e mong e le wa mosadi eo e leng lekgoba, e mong e le wa mosadi eo e leng lekgoba, e mong e le wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba.
Empa jwalokaha mehleng eo mora ya tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng a ne a hlorisa ya tswetsweng ka Moya, le jwale ho sa le jwalo.
Ba bang ba ile ba feta hara ditshomo le ditjhapo, ba kenngwa ditlamong le ditjhankaneng.