Empa a a pheella ka matla, mme a fapohela ho yena, a kena tlung ya hae. A a lokisetsa dijo, a a phehela bohobe bo sa lomoswang, mme a eja.
Genese 21:8 - BIBELE Empa ke mo tswaletse mora boqhekung ba hae.” Ngwana a hola, a ba a kgweswa, mme Aborahama a etsa pitiki e kgolo mohla ngwana a kgweswang. Sesotho 1909/1961 (SO) Ngwana a hola, a ba a kgwiswa; mme Abrahama a etsa mokete o moholo ka letsatsi leo Isaaka a kgwiswang ka lona. |
Empa a a pheella ka matla, mme a fapohela ho yena, a kena tlung ya hae. A a lokisetsa dijo, a a phehela bohobe bo sa lomoswang, mme a eja.
Sara a bona mora eo Aborahama a mo tswaletsweng ke Hagare wa Moegepeta a ntse a tsheha Isaka ka mokgwa o somang.
Jwale ka letsatsi la boraro, leo e neng e le letsatsi la tswalo ya Faro, Faro a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete. A ntsha moqhatsetsi e moholo le moapehi e moholo tjhankaneng, moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona.
Yaba Abinere o ya Heborone ho Davida, a ena le banna ba mashome a mabedi. Davida a etsetsa Abinere, le banna bao a neng a ena le bona, mokete.
Ha Solomone a phaphama, a elellwa hore o ne a ntse a lora. Yaba o ya Jerusalema, o fihla a ema kapele ho areka ya selekane sa Morena, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, mme a etsetsa le matona wohle a hae mokete.
Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a etsetsa mahosana wohle a hae le bahlanka ba hae, mokete. Balaodi ba mabotho a Peresiya le Media, le mahosi le mahosana, le bona ba ne ba le teng.
Empa ke bobisitse moya wa ka, ka o kgutsisa, sa ngwana ya kgwesitsweng, ya sikilweng ke mmae; e, moya wa ka o jwaloka ngwana, jwaloka ngwana ya kgwesitsweng.
Ntatae a theohela habo morwetsana, mme Samosone a etsa mokete teng, hobane hona e ne e le tlwaelo ya bahlankana.
Samosone a re ho bona: “Ke a le lotha. Ha le ka la ntlhalosetsa selotho sena matsatsi a supileng a mokete a eso fete, mme la se nepa, ke tla le nea dihempe tse mashome a mararo tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo.
Empa ha e le Anna yena a se ke a nyoloha, hobane o ile a re ho monna wa hae: “Hanghang ha moshanyana a kgweswa, ke tla mo tlisa, ke mo hlahise kapele ho Morena, mme a tle a hlole teng kamehla yohle.”
Ha Anna a se a kgwesitse Samuele, a nyoloha le yena a kganna dipohwana tse tharo, a nkile phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse leshome, le lekuka la veine, a mo isa ka tlung ya Morena e Shilo. Moshanyana eo o ne a sa le monyenyane.
Ha Abikaele a fihla ho Nabale, a fumane ho nowa, e le mokete o kang wa kgosi. Nabale o ne a nyakaletse, hobane o ne a tahilwe haholo. Ka baka leo, Abikaele a se ke a mmolella letho ho fihlela ka le hlahlamang.